Prayers & Meditations

Southern Sotho · Bahá'u'lláh

Add range:
Ke ‘na Oho Morena, ea behileng sefahleho sa ka ho Uena, ea tiisitseng tšepo ea hae holim’a limakatso tsa khanya ea Hau. Kea U rapela hore U se nkutloise bohloko ka ho nkhutlisa ke soabile mosikong oa mohau oa Hau kapa ho ntlohella libupuoa tsa Hau tse seng li koenehetse tšebetso ea Hau. Ke mohlanka oa Hau, Oho Molimo, le mor’a mohlanka oa Hau. Ke amohetse ‘nete ea Hau matsatsing a Hau le ho lebisa bohato ba maoto a ka mabopong a bonngoe ba Hau, ke lemoha kopano ea Hau ‘me ke tšepa tšoarelo le topollo ea Hau. U matla ho pheta seo U se ratang; ha ho Molimo O mong kantle ho Uena, Ea-Khanyang ka hohle, Ea-Tšoarelang-Kamehla.
Kea paka, Oho Molimo oa ka, hore U ntlholile ho U tseba le ho U sebeletsa, Kea paka hona joale hore kea fokola ‘me U matla, hore ke mofutsana ‘me U morui. Ha ho Molimo O mong kantle ho Uena, Mothusi litlokotsing, Ea-Phahametseng Tsohle.